Tuesday, 07 February 2012
Print PDF
Back to previous page

[graphic: question mark symbol]

Na Fundisa e sebetsa jwang?

  • O tla fumana bonase selemo le selemo jwalo ka moputso wa ho bolokela thuto ya ngwana wa hao. Palo ya bonase e ka fihla ho 25% (kotara e le nngwe) ya tjhelete eo o e bolokang selemo le selemo, ho fihla boholong ba R600 ngwana ka mong.
  • Hona ho bolela hore ha o boloka R100 ka kgwedi bakeng sa selemo (R1 200 ka selemo), o tla fumana R300 e nngwe ka selemo bakeng sa ho lefela thuto ya ngwana wa hao.
  • Ha ho na moedi wa palo ya batho (babeeletsi) ba ka bolokang lebitsong la moithuti ya mong. Le ha ho le jwalo, boholo bo ka fuwang bonase bakeng sa moithuti ka mong selemo se seng le se seng ke R600 ho sa natswe palo ya babeeletsi.
  • Bakeng sa ho fumana boholo ba bonase ya R600, mobeeletsi o tla tshwanela ho boloka paloyohle ya R2 400 selemong seo.
  • Mmuso le dikhampani tsa di-unit trust ba dumellane ka ho tshehetsa projeke e ntseng e lekwa ya dilemo tse tharo ho bona hore na o batla ho bolokela thuto ya bana ba hao na. Ka hoo bonase e fuwa mobeeletsi ya tlileng pele. Ka hoo bao ba leng ba pele ho boloka tjhelete ka akhaonte ya Fundisa Fund ba tla ba ba pele ba ho fumana moputso, jwalo ka ha phulu ya dibonase bakeng sa projeke e ntseng e lekwa e le nyenyane.
  • Tjhelete ya bonase ha se ya hao – e ka sebediswa feela ke moithuti eo o bolokelang thuto ya hae.
  • Ha o batla ho ntsha tjhelete ya hao akhaonteng ya Fundisa Fund o ka kgona ho etsa jwalo, empa o tla lahlehelwa ke bonase ya 25% eo o neng o tla e fumana. Ha o batla ho nka tjhelete ya hao ho tla nka matsatsi a mabedi a ho sebetsa hore o e fumane ho tswa khampaning ya di-unit trust kapa bankeng moo o butseng akhaonte ya hao ya Fundisa Fund, ha o hloka ho nka tjhelete ya hao.
  • Ha moithuti a kgetha ho se tswele pele ka dithuto tsa hae, o ke ke wa fumana tjhelete ya bonase ntle le haebe o kgetha moithuti e mong ya tla nka sebaka sa eo.
Ha bonase e sa sebedisetswe ho lefela dithuto tsa moithuti ofe kapa ofe, moo o ke ke wa e fumana.