Sunday, 05 February 2012
Print PDF
Back to previous page

[picture: graduation cap & certificate]

Mpho ya thuto ya boleng bakeng sa ngwana wa hao – eketsa tjhelete ya hao eo o e bolokelang thuto e phahameng ya ngwana wa hao ho Fundisa Fund

Fundisa Fund ke akhaonte ya polokelo e behetsweng ho shebana le tsa thuto e nang le sebopeho sa yona se le seng sa dibonase. Bonase ke palo e nngwe e ka hodimo ya 25% ya polokelo ya hao – ho fihla boholong ba R600 ka selemo – e kengwang hodima dipolokelo tsa hao tsa selemo le selemo. Bonase e entswe hore e kgonahale ka mosebetsi o kopanetsweng pakeng tsa mmuso le dikhampani tse fapaneng tsa di-unit trust, mme sepheo sa yona ke ho o thusa hore o kgone ho lefela mangolo a thuto a boleng bo hodimo, hape a tiiseditsweng ke bolaodi ba thuto (accredited qualification) bakeng sa ngwana wa hao kapa moithuti eo o ikgethelang yena kholetjheng e ka tlasa mmuso kapa yunivesithing.

Qala ho boloka hona jwale

Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane ka Fundisa
Tobetsa mona bakeng sa ho batlisisa ka moo o ka bulang akhaonte ya polokelo ya Fundisa
Tobetsa mona ho bula foromo ya kopo ya Fundisa Fund